Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/08 leq. 5
  • Tlhahlobo ea Sekolo Sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo Sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 4/08 leq. 5

Tlhahlobo ea Sekolo Sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 April, 2008. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 3 March ho ea ho la 28 April, 2008.

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho sebelisa boitsebiso boo re bo abetsoeng ha re lokisetsa lipuo, hona re ka etsa see joang? [be-SU leq. 234 ser. 1–leq. 235 ser. 1]

2. Ke hobane’ng ha lipotso e le tsa bohlokoa hakaale ha re ruta? [be-SU leq. 236 lir. 1-5]

3. Lipotso li ka thusa bamameli ba rōna joang hore ba behe mabaka tabeng eo re buisanang ka eona? [be-SU leq. 237 ser. 3–leq. 238 ser. 1]

4. Ha re ruta, ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa lipotso ka bohlale hore re tsebe maikutlo a tebileng a motho? (Liprov. 20:5; Mat. 16:13-16; Joh. 11:26) [be-SU leq. 238 lir. 3-5]

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa mantsoe a bapisang ha re ruta? (Gen. 22:17; Jer. 13:11) [be-SU leq. 240 lir. 1-3]

PUO EA 1

6. Ke melao-motheo efe e tataisang e totobalitsoeng bukeng ea Mareka e tla re thusa ho fumana bophelo ’Musong oa Molimo? [si-SU leq. 186 ser. 32]

7. Moea o halalelang o thusa bahlanka ba Molimo joang kajeno? (Joh. 14:25, 26) [be-SU leq. 19 lir. 2-3]

8. Molemo o moholohali oa ho bala ke ofe? [be-SU leq. 21 ser. 3]

9. Ho ithuta ho akarelletsa eng? [be-SU leq. 27 ser. 3–leq. 28 ser. 1]

10. Kosepele ea Luka e re kholisa joang hore Mangolo a Seheberu a bululetsoe ke Molimo? [si-SU leq. 192 lir. 30-1]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tšoaea monna e mong phoso ha a re ke “Mosuoe ea Molemo”? (Mar. 10:17, 18) [w08-SU 2/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Mareka”]

12. Jesu o ile a sebelisa sefate sa feiga ho etsa papiso ea eng ka sechaba sa Iseraele? (Mar. 11:12-14, 20, 21) [w03-SU 5/15 leq. 26 lir. 2-3]

13. Lengeloi Gabriele le ne le bolela’ng ha le re Maria o tla “emola ka pōpelong” ea hae hobane moea o halalelang oa Molimo o ne o tla theohela holim’a hae ’me matla a Molimo a mo koahele? (Luka 1:30, 31, 34, 35) [w08-SU 3/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Luka”; it-2 leq. 56 ser. 2]

14. Na ka sebele barutuoa ba Jesu ba ile ba etsa “ho sa lumelloeng ke molao ka sabatha”? (Luka 6:1, 2) [gt-SU 31]

15. Re fumana thuto efe keletsong eo Jesu a ileng a e fa Maretha? (Luka 10:40-42) [w99-SU 9/1 leq. 31]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela