Lebokose la Lipotso
◼ Na ho loketse hore Paki ea Jehova e okeloe sepetlele kapa lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo la kereke e itseng?
Likereke tse ngata li na le lipetlele kapa mahae a batho ba hlokang tlhokomelo bakeng sa ho ba oka ka nako e telele. Hangata libaka tsena ha lia etsetsoa ho tšehetsa Babylona e Moholo. (Tšen. 18:2, 4) Mohlomong qalong li ile tsa thehoa molemong oa ho kenyetsa kereke chelete. Kajeno, lipetlele tse ling e se e le tsa kereke ka lebitso feela, ha tse ling tsona li ntse li e-na le baruti har’a basebetsi ba tsona.
Haeba ho hlokahala hore Paki ea Jehova e ee sepetlele kapa lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo, e lokela ho iketsetsa qeto ea hore na e tla ea sebakeng seo e ka ’nang eaba se amana le kereke. Letsoalo la motho e mong le ka ’na la mo lumella ho etsa joalo, empa la e mong lona la mo hanela. (1 Tim. 1:5) Ho na le maemo a mang a ka ’nang a susumetsa qeto eo motho a e etsang, ’me ho hotle ho nahana ka ’ona.
Ka mohlala, ho ka etsahala hore lehae la batho ba hlokang tlhokomelo kapa sepetlele sa kereke ke sona feela se haufi. Kapa haeba ho e-na le se seng haufi, mohlomong sena sa kereke ke sona se fanang ka litšebeletso tse molemo. Sepetlele se joalo sa kereke e ka ’na eaba ke sona feela se nang le thepa e hlokahalang, kapa ke sona feela seo ngaka ea hao e ka u sebeletsang ho sona. Hape, ka linako tse ling lipetlele tsa likereke li ka hlompha pono ea hao joaloka Mokreste tabeng ea tšebeliso ea mali, athe lipetlele tse ling tsa praefete kapa tsa ’muso ho ka etsahala hore li se ke tsa etsa joalo. Kahoo, tsena ke tse ling tsa lintlha tseo u ka nahanang ka tsona ha u etsa qeto ea hore na u batla thuso hokae.
Haeba u etsa qeto ea ho okeloa sepetlele kapa lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo la kereke, u ka ’na ua nka hore u mpa u lefella litšebeletso tse fanoeng. U ka ’na ua nka hore ho joalokaha eka kereke e etsa khoebo, ’me u tla be u sa tšehetse bolumeli ba bohata ka ho toba ha u reka ntho e itseng khoebong eo. U tla be u mpa u lefella thepa kapa tšebeletso.
Ho hlakile hore kaha u Mokreste, u lokela ho etsa bonnete ba hore ha u kopanele liketsong leha e le life tsa borapeli ba bohata. Ntle ho moo, u ke ke ua sebelisa litlotla tse tloaelehileng tsa bolumeli tse kang “Fatere” kapa “Sistere,” ho batho ba sebetsang moo kapa ba etetseng moo. (Mat. 23:9) U tla lokela ho etsa bonnete ba hore u ile sebakeng seo ka morero oa ho okoa kapa ho sebeletsoa, eseng ka mabaka a mang.
Ha u kena sepetlele, u ka ’na ua bolela hore u Paki ea Jehova le hore u ka thabela ho eteloa ke baholo. Sena se tla u thusa hore ba u tšehetse moeeng ka ho loketseng ha u ntse u le moo.—1 Bathes. 5:14.
Litho tsa lelapa tse lumelang, baholo, le ba bang ka phuthehong ba lokela ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa bara le barali babo rōna ba hōlileng ba lulang mahaeng a batho ba hlokang tlhokomelo, haholo-holo haeba e le a kereke e itseng. Haeba re chesehela ho etsa sena, re tla khothatsa bara le barali bana babo rōna ba hōlileng ’me re ba thuse hore ba se ke ba iphumana ba se ba kopanetse litšebeletsong tsa kereke, meketeng kapa linthong tse ling tse tšoareloang libakeng tsena.
Re nahanne ka lintlha tsena, e mong le e mong o lokela ho nahanela maemo ’ohle a amehang ebe o iketsetsa qeto hore na o tla ea sepetlele sefe kapa lehaeng lefe la batho ba hlokang tlhokomelo.—Bagal. 6:5.