Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/08 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 6/08 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 June, 2008. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 5 May ho ea ho la 30 June, 2008. [Hlokomela: Moo ho sa bontšoang mohloli oa boitsebiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Sheba buka ea Sekolo sa Tšebeletso, maq. 36-7.]

LITŠOBOTSI TSA PUO

1. Re ka etsa’ng ho tiisa hore lipapiso tseo re li sebelisang lia utloisisoa? [be-SU leq. 242 ser. 3–leq. 243 ser. 1]

2. Ke hobane’ng ha lipapiso tse bonolo tse nkiloeng maemong a tloaelehileng li le molemo? [be-SU leq. 245 lir. 2-4]

3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa ka katleho lithuso tse bonahalang tsa ho ruta, hona Jehova o ile a li sebelisa joang ha a ruta lithuto tsa bohlokoa? (Gen. 15:5; Jer. 18:6; Jon. 4:10, 11) [be-SU leq. 247 lir. 1-2]

4. Re ka sebelisa lithuso tse bonahalang tsa ho ruta joang ho ntlafatsa tsela eo re rutang ka eona? [be-SU leq. 248 lir. 1-3]

5. Re ka sebelisa limmapa joang e le lithuso tse bonahalang tsa ho ruta tse atlehang ha re ruta liithuti tsa Bibele? [be-SU leq. 248 ser. 4]

PUO EA 1

6 Ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo, ho ithuta Bibele ho tla re thusa ho lemoha eng? [be-SU leq. 32 lir. 3-4]

7. Re ka sebelisa Bibele joang ho batlisisa moelelo oa lengolo? [be-SU leq. 34 ser. 4–leq. 35 ser. 2]

8. Karolo eo Jesu a e phethang e le mocha oo ka oona Jehova a hlohonolofatsang moloko oa batho e hatisoa joang Kosepeleng ea Johanne? [si-SU leq. 198 ser. 32]

9. Ke bopaki bofe ba Mangolo ba hore ngaka Luka ke eena ea ngotseng buka ea Liketso? [si-SU leq. 199 ser. 3; leq. 200 lir. 5-7]

10. Ka kakaretso, motho a ka qala hokae ha a etsa kemiso ea puo? [be-SU maq. 39-41]

’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE

11. Ke tempele efe ‘e ileng ea hahuoa ka lilemo tse mashome a mane a metso e tšeletseng’? (Joh. 2:20) [w08-SU 4/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne”]

12. Ke bo-mang ba ‘fetileng lefung ho ea bophelong’? (Joh. 5:24, 25) [w08-SU 4/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne”]

13. Re ithuta’ng ka moea o halalelang ho Johanne 14:26 le 16:13, hona re ka fumana thuso efe ho oona? [w08-SU 4/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne”]

14. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bolella Maria Magdalena hore a khaotse ho mo mamarela? (Joh. 20:17) [w08-SU 4/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Johanne”]

15. Ho boleloa’ng ha ho thoe Jesu o tla tla “ka mokhoa o tšoanang” le oo a nyolohetseng leholimong ka oona? (Lik. 1:9-11) [rs-SU leq. 154 ser. 4; it-1 leq. 186 ser. 8]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela