Litaba Tsa Puso ea Molimo
◼ Le tla thabela ho tseba hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse tšeletseng likhoeling tse sa tsoa feta. Liphutheho tse ’nè li tla sebelisa Liholo Tsa ’Muso tse peli ho tsena, e leng se etsang hore ho bolokoe chelete ea Letlōle la Liholo Tsa ’Muso. Liholo tsena tsa ’Muso li Phoenix West le Illovo East (KwaZulu-Natal), Aliwal North (Eastern Cape), Atlasville (Gauteng), Ghanzi (Botswana) le Okahandja (Namibia). Ha ho pelaelo hore Liholo tsena Tsa ’Muso li tla tsoela liphutheho tseo molemo borapeling ba tsona le tšebeletsong ea Jehova.