Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 29 December, 2008. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng boitsebisong bo akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 3 November ho ea ho la 29 December, 2008.
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho fana ka keletso “motheong oa lerato”? (Filem. 9) [be-SU leq. 266 lir. 2-4]
2. Re ka etsa hore ba bang ba be sebete joang? [be-SU leq. 268 ser. 4–leq. 269 ser. 2]
PUO EA 1
3. Ke joang lengolo la Pauluse le eang ho Tite e leng le ‘letle le le molemo’ ho rōna kajeno? (Tite 3:8) [si-SU leq. 241 ser. 8]
4. Ke hobane’ng ha lengolo la pele la Petrose le ne le le nakong? [si-SU leq. 251 ser. 1]
5. Litšoantšo tsa Tšenolo li lokela ho re ama joang? [si-SU leq. 263 ser. 1]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
6. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a amahanya polelo e reng “e se ke ea e-ba ba etselletsang” le e reng “kapa makhoba a veine e ngata” ho Tite 2:3? [w94-SU 6/15 leq. 20 ser. 12]
7. Na taba ea hore Satane ‘o na le mokhoa oa ho baka lefu’ e bontša hore ho sa lebelloa a ka bolaea mang kapa mang eo a ratang ho mo bolaea? (Baheb. 2:14) [w08-SU 10/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Tite, ho Filemone le ho Baheberu”]
8. “Moetsi oa selekane [se secha] oa motho” ke mang? (Baheb. 9:16) [w08-SU 10/15 “Lentsoe la Jehova Lea Phela—Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Tite, ho Filemone le ho Baheberu”]
9. Ho ba le khotso ho bolela’ng, ’me re ka ipotsa lipotso life tabeng ee? (Jak. 3:17) [w08-SU 3/15 leq. 24 ser. 18]
10. Poleloana e reng “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna” e bolela’ng? (1 Joh. 3:20) [w05-SU 8/1 leq. 30 ser. 19]