Na U Sebelisa Buka ea ho Bea Mabaka?
1. Moapostola Pauluse le Jesu ba ne ba sebelisa mokhoa ofe ha ba ruta ba bang?
1 Moapostola Pauluse o ile a leka ka matla ho ‘beha mabaka ka Mangolo.’ (Lik. 17:2, 3; 18:19) Ka tsela eo, o ile a etsisa Jesu, ea neng a qotsa Mangolo khafetsa ’me a sebelisa lipapiso e le hore a thuse bamameli ba hae ho utloisisa thato ea Molimo. (Mat. 12:1-12) Buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e etselitsoe ho re thusa ho etsa se tšoanang.
2. Re ka sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka joang ha re lokisetsa likenyelletso tse atlehang?
2 Ho Lokisetsa Likenyelletso Tse Atlehang: Buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e na le likenyelletso tse thahasellisang leqepheng la 9-15. Ho ithuta likenyelletso tse sa tšoaneng, haholo-holo haeba u sebetsa tšimo e le ’ngoe khafetsa, ho tla etsa hore u se ke ua khathala ke ho sebelisa kenyelletso e le ’ngoe ’me ho u thuse ho tenyetseha le maemo le ho atleha ho qala moqoqo. U ka bala likenyelletso tsena bukeng ha u paka ka thelefono kapa u bua inthak’homong mehahong e sirelelitsoeng ka thata.
3. Ke lintlha life tse bukeng ea Ho Bea Mabaka leqepheng la 16-24 tse ka re thusang tšimong?
3 Ho Araba ba Khaoletsang Moqoqo: Ke hobane’ng ha u sa lule u le malala-a-laotsoe bakeng sa batho ba ka ’nang ba khaoletsa moqoqo ka ho hlahloba lintlha tse leqepheng la 16-21 e le hore u tsebe kamoo u ka ba arabang kateng? Na ho ka etsahala hore matlung a mang u fumane Mabuddha, Mahindu, Bajuda kapa Mamosleme? Haeba ho joalo, u tla thusoa ke lintlha tse leqepheng la 21-24.
4. Re ka sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka joang ha motho a botsa potso kapa a bua taba e ka tsosang khang?
4 Ho Araba Lipotso: Buka ea Ho Bea Mabaka e ka boela ea re thusa ha motho a botsa potso kapa a bua taba e ka tsosang khang. U ka ’na ua bolella motho eo hore u rata ho mo bontša ntlha e thahasellisang mabapi le taba eo ebe u ntša buka ea Ho Bea Mabaka. Kaha lihlooho li ngotsoe ka ho latellana, phetla sehlooho se seholo seo u nahanang hore taba eo e teng ho sona. Ebe u akhela mahlo lipotsong tse ngotsoeng ka mongolo o motenya. Haeba u sa fumane seo u se batlang kapele, phetla tšupiso ea litaba maqepheng a ka morao. Ha u fumana taba eo u e batlang, e bale ka ho toba bukeng. Haeba le buisana ka lengolo le itseng, u ka ’na ua le fumana leqepheng la 445 tlas’a sehlooho se reng “Mangolo a Atisang ho Sebelisoa Hampe.”
5. Buka ea Ho Bea Mabaka e ka boela ea sebelisoa ka litsela life tse molemo?
5 Litsela Tse Ling Tsa ho e Sebelisa: Ba bang ba lula ba e-na le buka ea Ho Bea Mabaka mosebetsing kapa sekolong e le hore e ba thuse ho araba lipotso tse kang, ‘Ke hobane’ng ha le sa keteke matsatsi a phomolo?’ Bacha ba bone hore lintlha tse sehloohong se reng “Pōpo” le se reng “Ho Iphetola Hoa Lintho” li molemo ha ba lokisetsa mosebetsi oa sekolo. Na u lokisetsa ho etela motho ea kulang kapa ea hlokahaletsoeng ke moratuoa? Lintlha tse sehloohong se reng “Khothatso” li ka u thusa ho mo khothatsa ka Mangolo. Buka ea Ho Bea Mabaka e boetse e na le lintlha tse molemo bakeng sa ba lokisetsang lipuo le ba tšoarang liboka tsa tšebeletso ea tšimo.
6. Re etsa mosebetsi oa ho bolela ka sepheo sefe?
6 Ha re etse mosebetsi oa ho bolela ka sepheo sa ho hlōla likhang kapa ho bolela molaetsa feela. Re batla ho beha mabaka ka Mangolo ka tsela e atlehang. Ha re sebelisa buka ea Ho Bea Mabaka hamolemo, re bontša hore re ela hloko ho ruta ha rōna.—1 Tim. 4:16.