Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 31 August, 2009. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse akarelitsoeng lipuong tsa beke ea la 6 July ho ea ho la 31 August, 2009.
1. Ke hobane’ng ha motho leha e le ofe ea “rohakang” batsoali ba hae a ne a lokela ho bolaoa? (Lev. 20:9) [w04-SU 5/15 leq. 24 ser. 6]
2. Kaha banna bohle ba Baiseraele ba ne ba lokela ho ea Moketeng oa Mahobe a sa Lomosoang, ke bo-mang ba neng ba kotula litholoana tsa pele tsa harese? (Lev. 23:5, 11) [w07-SU 7/15 leq. 26 ser. 3]
3. Selemo sa Jubile se ne se tšoantšetsa eng? (Lev. 25:10, 11) [w04-SU 7/15 maq. 26-27]
4. Na Baiseraele ba ne ba nka “lipontšo” tse boletsoeng ho Numere 2:2 e le tsa bolumeli? [w02-SU 9/15 leq. 21 ser. 4]
5. Baboleli ba ’Muso ba nako e tletseng ba na le boikutlo bofe bo tšoanang le boo Banazari ba neng ba e-na le bona Iseraeleng ea boholo-holo? (Num. 6:3, 5, 6) [w04-SU 8/1 maq. 24-25]
6. Ke molao-motheo ofe o mabapi le hore Balevi ba khaotse ho sebeletsa o ka sebetsang ho batho ba Jehova kajeno? (Num. 8:25, 26) [w04-SU 8/1 leq. 25 ser. 1]
7. Ho tlile joang hore Baiseraele ba be le “tlholohelo ea boithati,” ’me Bakreste ba ithuta’ng ho see kajeno? (Num. 11:4) [w01-SU 6/15 maq. 14-15; w95-SU 3/1 leq. 16 ser. 10]
8. Ke hobane’ng ha e le Miriame feela ea ileng a otloa ka lepera, hona see se ka re ruta thuto efe ea bohlokoa? (Num. 12:9-11) [w04-SU 8/1 leq. 26 ser. 2; it-2 leq. 415 ser. 1]
9. Joshua le Kalebe ba ne ba bolela’ng ha ba re baahi ba Kanana ke “bohobe”? (Num. 14:9) [w06-SU 10/1 leq. 16 ser. 5; it-1 maq. 363-364]
10. Numere 21:5 e fana ka mohlala ofe o lemosang? [w99-SU 8/15 maq. 26-27]