U Tla Araba Joang?
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho etsisa Jesu ha re botsoa lipotso?
1 Ho fihlela kajeno batho ba tsota tsela e bohlale eo Jesu a neng a araba lipotso ka eona. Ha re botsoa lipotso tse sa tšoaneng tšimong, ho ka ba molemo hore re etsise Jesu ha re li araba.—1 Pet. 2:21.
2. Ke eng e ka re thusang ho araba potso ka tsela e utloahalang?
2 Mamela Pele U Araba: Jesu o ne a nahana ka lebaka leo motho a botsang potso ka lona. Ka linako tse ling ho hlokahala hore re botse lipotso e le hore re utloisise hore na ha e le hantle motho o nahana eng. Ha motho a u botsa potso e reng, “Na u lumela ho Jesu?” e ka ’na eaba ha e le hantle o ipotsa hore na ke hobane’ng ha u sa keteke Keresemese. Haeba u utloisisa hore na o hlile o amehile ka eng, u ka khona ho mo tšetlehela mabaka a utloahalang.—Luka 10:25-37.
3. Ke lintho life tse ka re thusang hore re fumane likarabo tse khotsofatsang tse thehiloeng Mangolong?
3 Sebelisa Lentsoe la Molimo ha U Araba: Hangata ho molemo ho sebelisa Bibele ha u araba potso. (2 Tim. 3:16, 17; Baheb. 4:12) Buka ea Ho Bea Mabaka le “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” tse ka har’a Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang li ’nile tsa re thusa ho fana ka karabo e nepahetseng. Le haeba motho a sa lumele Bibele, u ka khona hore ka bohlale u mo bolelle seo Bibele e se rutang. Khothalletsa motho eo hore a hlahlobisise lipolelo tse bohlale tsa Bibele tseo ka nako e telele ho bileng le bopaki ba hore li nepahetse. Haeba u etsisa Jesu, likarabo tsa hao li tla ba “joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tse betliloeng tsa silevera”—e leng se bolelang hore e tla ba tse sielang motho seriti, tse monate le tse molemo.—Liprov. 25:11.
4. Ke maemong afe moo ho leng molemo hore re se ke ra leka ho araba potso e ’ngoe le e ’ngoe?
4 Na re Lokela ho Araba Lipotso Tsohle? Haeba u sa tsebe karabo ea potso e itseng, u se ke ua soabela ho re: “Ha ke tsebe, empa nka etsa lipatlisiso ’me ke khutle ho tla u araba.” Ha u inyenyefatsa ka tsela eo ebile u bontša hore u thahasella mong’a ntlo, a ka ’na a u lumella hore u khutle. Ha u hlokomela hore batho ba u botsang potso baa u qholotsa, etsisa Jesu ka hore ka tlhompho u khaotse moqoqo. (Luka 20:1-8) Ka ho tšoanang, haeba motho eo bonneteng a sa thahaselleng ’nete a leka ho pheha khang le uena, ka mosa khaotsa moqoqo ’me u sebelise nako ea hao bakeng sa ho batla batho ba lipelo li ntle.—Mat. 7:6.
5. Jesu o re behetse mohlala ofe tabeng ea ho araba lipotso?
5 Jesu o ne a tseba hore ke habohlokoa hore a tšepe Jehova e le hore a tle a khone ho phetha mosebetsi oa hae oa ho ‘pakela ’nete,’ o neng o akarelletsa ho araba batho ba labalabelang ho fumana likarabo tsa lipotso tsa bona. (Joh. 18:37) Ka sebele re na le tlotla ea ho mo etsisa ha re araba ‘ba nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’—Lik. 13:48.