Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka October: Makasine ea Molula-Qhooa le Tsoha! Moo u bonang batho ba thahasella, tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? u be u e tšohle. Haeba beng ba matlo ba se ba ntse ba e-na le pampitšana eo, leka ho qala thuto ea Bibele. November: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana, u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ha e sa tla hlola e kenyelletsoa ka har’a Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ho e-na le hoo, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tla fumana likemiso tse peli tsa selemo le selemo, ’me e ’ngoe e tla manehoa lematjaneng la litsebiso Holong ea ’Muso. E ’ngoe e tla ba ea molebeli oa sekolo ’me o tla e sebelisa ha a aba lipuo. Bahoeletsi ba tla ’ne ba fumane Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso khoeli le khoeli, ’me e tla ba le kemiso ea beke le beke ea Thuto ea Bibele ea Phutheho, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso.
◼ Ho tloha bekeng ea la 1 March, 2010, ho tla tšohloa buka ea “Tloo U be Molateli oa Ka” Thutong ea Bibele ea Phutheho. Liphutheho tse se nang libuka tsena li lokela ho li kenya odareng ea tsona ea libuka e latelang.
◼ Letsatsi le khethehileng la Limakasine le tla ba ka la 17 April, 2010. Re khothalletsa e mong le e mong hore a qale hona joale ho lokisetsa ho ba tšebeletsong ka botlalo letsatsing leo.