Litsebiso
◼ Libuka tse tsamaisoang ka November: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana, u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Atamela ho Jehova kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
◼ Likhoeling tse sa tsoa feta, liphutheho tse latelang tse 24 li ile tsa nehela Liholo Tsa ’Muso: Annie Ville le Cloneen (Dannhauser), Bhongweni (Kokstad), Bilanyoni (Paulpietersburg), Dicks le Blaauwbosch (Newcastle), Imfume (Umkomaas), Magadla (Matatiele), Maluti le Tsitas’ (Eastern Cape), Matatiele, Mbekweni (Paarl), Motsethabong Central (Welkom), Mthambothini (Dennilton), Naturena le Cosmo City Central (Johannesburg), Nhlophenkulu le Toggekry (Nongoma), Paulpietersburg, Shayamoya (Estcourt), Steynsdorp (Elukwatini), Sibongile (Dundee), Tidimalo (Delportshoop) le Uitval (Ladysmith). Liphutheho tsena li leboha baithaopi bohle ba ileng ba etsa tsoho la monna ha ho hahoa liholo tseo.