Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Atamela ho Jehova kapa Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
◼ Puo e ncha ea phatlalatsa ea balebeli ba potoloho e tla ba le sehlooho se reng “Seo ’Muso oa Molimo o re Etsetsang Sona Hona Joale” ’me e tla fanoa ho tloha ka February.
◼ Likhoeling tse sa tsoa feta, ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse tšeletseng. Re thaba le phutheho ea Mooiplaas (Elukwatini), ea Nqutu, ea St. Chad’s (Ezakheni), ea Peacetown, ea Watersmeet (Ladysmith) le ea Wembesi (Estcourt).
◼ Ka kōpo ngollang Lefapha la Kaho ea Liholo Tsa ’Muso ’me le kōpe tumello pele le batla setša sa Holo ea ’Muso, pele le haha Holo ea ’Muso kapa le etsa mosebetsi o moholo oa ho nchafatsa holo. Liholo Tsa ’Muso tse ncha li lokela ho hahoa sebakeng se bohareng e le hore li ka sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa hobane Sehlopha se Busang se batla hore Liholo Tsa ’Muso li sebelisoe ka ho feletseng.