Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 22 February, 2010. Molebeli oa Sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse tšohliloeng lipuong tsa beke ea la 4 January ho ea ho la 22 February, 2010.
1. Mohlomong ke hobane’ng ha Baiseraele ba bang ba ile ba lieha ho rua Naha e Tšepisitsoeng, ’me re ka ithuta eng ho see? (Josh. 18:2, 3) [it-1 leq. 359 ser. 5]
2. Ke eng seo ntle ho pelaelo se ileng sa susumetsa Joshua hore a bue mantsoe a ho Joshua 24:14, 15, ’me see se lokela ho re ama joang? [w08 5/15 maq. 17-18 lir. 4-6]
3. Tsela e ’ngoe eo ka eona barapeli ba Baale le borapeli ba bona e bileng leraba le ileng la tšoasa Baiseraele ke efe? (Baahl. 2:3) [w08 2/15 leq. 27 lir. 2-3]
4. Re ithuta eng tseleng eo ka eona Ehude a ileng a sebelisa sabole ea hae ka sebete? (Baahl. 3:16, 21) [w97 3/15 leq. 31 ser. 4]
5. Ke eng e re khothatsang ha re ithuta tsela eo ka eona Jehova a ileng a lopolla Gideone le banna ba hae ba 300? (Baahl. 7:19-22) [w05 7/15 leq. 16 ser. 8]
6. Ke ka tsela efe moea oa Jehova o ileng “oa fela pelo ka lebaka la khathatso ea Baiseraele”? (Baahl. 10:16) [cl maq. 254-255 lir. 10-11]
7. Ha Jafeta a ne a etsa boitlamo, na o ne a nahanne ka ho etsa sehlabelo ka motho? (Baahl. 11:30, 31) [w05 1/15 leq. 26 ser. 1]
8. Na matla a Samsone a ne a tsoa ka ho toba moriring oa hae? (Baahl. 16:18-20) [w05 3/15 leq. 28 ser. 4-5]
9. Ho utloisisa mohlolo oo Samsone a ileng a o etsa o boletsoeng ho Baahloli 16:3 ho ka re thusa joang? [w04 10/15 maq. 15-16 lir. 7-8]
10. Re ka ithuta eng ka moea oa motho polelong e ho Baahloli 16:30? [w90 9/1 leq. 5 ser. 5; sp maq. 13-14]