Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Ka December, ho entsoe mosebetsi o motle linaheng tsohle tse oelang tlas’a lekala la Afrika Boroa. Mosebetsi ona o entsoe le hoja ba bangata ba ne ba le phomolong kapa ba le likopanong. Ba bangata e bile bo-pula-maliboho ba kamehla ’me Botswana ho bile le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 126, Namibia ha e-ba le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 159, ha Afrika Boroa ho bile le tlhōrō e ncha ea bo-pula-maliboho ba kamehla ba 7 885.