Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/10 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 10/10 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 25 October, 2010. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse tšohliloeng lipuong tsa beke ea la 6 September, ho ea ho ea la 25 October, 2010.

1. Re ka ithuta’ng ka bophelo ba Morena Azaria (Uzia)? (2 Mar. 15:1-6) [w91 7/15 leq. 30]

2. Kaha ho thoe Morena Jothame oa Juda o busitse lilemo tse 16 feela, ke hobane’ng ha 2 Marena 15:30 e bua ka “selemo sa mashome a mabeli” sa puso ea hae? (2 Likron. 27:7, 8) [it-2-E leq. 119 ser. 5]

3. Ke “Basamaria” bafe bao ho buuoang ka bona ho 2 Marena 17:29? [it-2-E leq. 847 ser. 7]

4. Ke hobane’ng ha ho thoe Jehova o ‘etsa’ morero oa hae? (2 Mar. 19:25) [w99 8/15 leq. 14 ser. 3]

5. Ke joang 2 Marena 25:8, 25, 26 e bolelang ka nepo hore na lilemo tse mashome a supileng tseo Jerusalema e ileng ea e-ba lesupi ka tsona li qalile neng? [it-1-E leq. 415 ser. 6–leq. 416 lir. 1-2; leq. 463 ser. 4]

6. Ke hobane’ng ha 1 Samuele 16:10, 11 e re Davida ke mora oa borobeli oa Jese, empa Esdrase eena a re ke oa bosupa? (1 Likron. 2:15) [w02 9/15 leq. 31]

7. Re ka etsisa mohlala oa Bagileade ba boholo-holo joang? (1 Likron. 5:10, 18-22) [w05 10/1 leq. 9 ser. 7]

8. Re ka ithuta eng ho balebeli ba liheke ba Balevi? (1 Likron. 9:26, 27) [w05 10/1 leq. 9 ser. 8]

9. Ho bina e ne e le habohlokoa hakae ho Baiseraele ba boholo-holo? (1 Likron. 9:33) [it-2-E leq. 452 ser. 9]

10. Ke’ng se phoso ka ketso ea Davida e boletsoeng ho 1 Likronike 13:11? [w05 10/1 leq. 11]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela