Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha motho a thahasella, mo siele pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? ’me u ikitlaelletse ho qala thuto ea Bibele. November: Bibele—E na le Molaetsa Ofe? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse tšeletseng likhoeling tse sa tsoa feta e leng: Dlangubo (Empangeni), KwaDukuza (Stanger), Mohale’s Hoek (Lesotho), Petrus Steyn (Foreisetata), Reagile (Koster) le Umlazi Emandleni (Durban). Re leboha baithaopi bohle ba ileng ba thusa ho haha liholo tsena.
◼ Liphutheho Tsa Afrika Boroa: Re kōpa hore bangoli ba liphutheho ba etse bonnete ba hore ba romela liak’haonte tsa selemo sa tšebeletso sa 2010 lekaleng, ’me ba ngole Attention: Accounting Office ka mongolo o hlakileng. Ba lokela ho romela litokomane tse latelang: liteitemente tsa banka, maqetšoana a litšenyehelo (li-invoice), Lirasiti (S-24), Leqephe la Liak’haonte (S-26) le Tlaleho ea Liak’haonte Tsa Phutheho ea Khoeli le Khoeli (S-30).