Ho Rapela le ho Thuisa ke Habohlokoa e le Hore re be Baboleli ba Chesehang
1. Ke’ng se ileng sa thusa Jesu hore a se ke a sitisoa mosebetsing oa hae o ka sehloohong?
1 Jesu o ne a qetile bosiu a phekola batho a bile a leleka bademona. Ha barutuoa ba hae ba mo fumana letsatsing le latelang, ba ile ba re: “Bohle baa u batla,” ’me ba mo khothalletsa hore a tsoele pele ho etsa mesebetsi e matla. Leha ho le joalo, Jesu o ne a ke ke a sitisoa mosebetsing oa hae o ka sehloohong oa ho bolela litaba tse molemo. O ile a araba ka ho re: “A re eeng sebakeng se seng sesele, litoropong tse haufi tsa metsana, e le hore nka bolela le moo, kaha ke tsoile ka morero ona.” Ke eng e ile ea thusa Jesu hore a se ke a khelosoa mosebetsing oa hae? O ne a tsohile hoseng a ea rapela le ho thuisa. (Mar. 1:32-39) Ho rapela le ho thuisa ho ka re thusa hore re be baboleli ba chesehang joang?
2. Re ka thuisa ka eng e le hore re lule re chesehela tšebeletso?
2 Re ka Thuisa ka Eng? Jesu o ile a hlokomela hore batho ba “sohlokehile ’me [ba] qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Mat. 9:36) Ka tsela e tšoanang, re ka thuisa ka taba ea hore na batho ba hloka litaba tse molemo hakae le ea hore nako e lekane motinyane. (1 Bakor. 7:29) Re ka boela ra thuisa ka mesebetsi ea Jehova le litšobotsi tsa hae, tlotla ea ho ba Lipaki Tsa Jehova le matlotlo a bohlokoa ao re ithutileng ’ona Lentsoeng la Molimo ao batho ba tšimong ea phutheho ea habo rōna ba e-s’o a tsebe.—Pes. 77:11-13; Esa. 43:10-12; Mat. 13:52.
3. Re ka thuisa neng?
3 Re ka Thuisa Neng? Joaloka Jesu, ba bang ba tsoha hoseng ho sa ntse ho khutsitse. Ba bang ba re ho molemo ha ba thuisa mantsiboea pele ba robala. (Gen. 24:63) Esita le haeba re lula re phathahane, re ka fumana nako ea ho thuisa. Ba bang ba thuisa ha ba tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba. Ba bang ba sebelisa karolo e ’ngoe ea nako ea bona ea lijo tsa motšehare hore ba thuise ba sa sitisoe ke letho. Ba bangata ba re ha ba thuisa, leha e ka ba ka nako e khutšoanyane feela pele ba qala tšebeletso, sena se ba thusa hore ba bolele molaetsa ka cheseho le ka sebete.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho thuisa?
4 Ho rapela le ho thuisa ho tla re thusa hore re leotse takatso ea rōna ea ho sebeletsa Jehova re be re nke borapeli ba rōna e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ’me ho tla matlafatsa qeto ea rōna ea ho tsoela pele re bolela litaba tse molemo. Mosebeletsi e Moholo oa Molimo, e leng Jesu, o ile a thusoa ke ho thuisa ’me le rōna ho ka re thusa.