Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka November: Bibele—E na le Molaetsa Ofe? December: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Lelapeng le nang le bana u ka tsamaisa buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo. January: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa.
◼ Le tla thabela ho tseba hore likhoeling tsa morao tjena ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse 12. KwaZulu-Natal: Amaoti, Dannhauser, Inanda Glebe, Khula, Mandlazini Agri-Village, Mondlo Central, Mondlo North le Ntuzuma South. Lesotho: Maseru Ha Leqele le Ha Thetsane. Namibia: Otavi le Windhoek Portuguese. Re thoholetsa bohle ba ileng ba kopanela kahong ea liholo tsena!