Tsela ea ho Buella Limakasine
Molula-Qhooa December 1
“Na ua lumela hore batsoali ba se nang balekane ba atisa ho hula ka thata ho feta batsoali ba nang le balekane? [Emela karabo.] Bibele e re khothalletsa hore re nahanele batho ba nang le mathata. [Bala Pesaleme ea 41:1.] Sehlooho se qalang leqepheng la 22 se hlalosa tsela eo re ka nahanelang batsoali ba se nang balekane ka eona.”
Tsoha! December
“Batho ba bangata ba ’nile ba ipotsa potso ena, ‘Haeba Molimo o teng, ke hobane’ng ha a sa felise Diabolose?’ Na le uena u kile ua ipotsa potso eo? [Emela karabo.] Sehlooho sena se leqepheng la 10 le la 11 se bontša hore na Bibele e araba potso eo joang. Se boetse se re bolella hore na ho tla ba joang lefatšeng ha Diabolose a se a le sieo.” Bala Tšenolo 21:3, 4.
Molula-Qhooa January 1
“Batho ba bangata ba lumela hore serapa sa Edene ha se e-s’o ka se e-ba teng empa ke tšōmo. Na u ka makala ha u utloa hore Jesu o ile a re Adama le Eva e ne e le batho ba sebele? [Emela karabo. Ebe u bala Matheu 19:4-6.] Makasineng ena ho arajoa lipotso tse ling tseo batho ba atisang ho li botsa mabapi le serapa sa Edene.”
Tsoha! January
Bontša motho leqephe le ka ntle ’me u mo botse, “U ka araba potso ee joang? [Emela karabo.] Mangolo a khothalletsa batho hore ba be le khotso. [Bala Jakobo 3:17.] Kahoo, ke hobane’ng ha bolumeli bo sa momahanya batho? Na bolumeli bo tla ke bo khothalletse batho hore ba be le khotso? Makasineng ena ho arajoa lipotso tseo.”