Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/11 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 2/11 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa. March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!

◼ Puo ea phatlalatsa e khethehileng e tla fanoa nakong ea Sehopotso ea 2011 e tla ba le sehlooho se reng, “Melao-Motheo ea Bibele—Na e ka re Thusa ho Sebetsana le Mathata a Kajeno?”

◼ Letsatsing la Sehopotso, e leng ka Sontaha sa la 17 April, ha ho na liboka tse lokelang ho tšoaroa ntle ho seboka sa tšebeletso ea tšimo. Liphutheho tse atisang ho tšoara liboka tsa phutheho letsatsing leo li ka li tšoara ka letsatsi le leng la beke. Haeba liphutheho tse ’maloa li sebelisa Holo ea ’Muso e le ’ngoe ’me seboka seo se ke ke sa tšoaroa ka nako e ’ngoe, se ka ’na sa se ke sa tšoaroa. Maemong a joalo, ho khothalletsoa malapa hore a tšohle boitsebiso ba Thuto ea Molula-Qhooa nakong ea mantsiboea a Borapeli ba Lelapa.

◼ Baholo ba lokela ho etsa litlhophiso tsa ho qetela tsa letšolo la tšimo e sa abuoang le tla ba ka March, April le May, 2011. Ka kōpo tiisang hore phutheho e na le lingoliloeng tse lekaneng, ’me e tsebisoe ka botlalo hore na matsatsi a khethiloeng ke afe, hore na tšimo e tla ba hokae, le hore na ho entsoe litlhophiso life mabapi le marobalo le lipalangoang. Liphutheho tse sa kenyeng letsoho letšolong lena li lokela ho ameha ka tšimo ea tsona e sebetsoang seoelo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela