Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
◼ Ka August ho tla tšohloa video ea Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News Sebokeng sa Tšebeletso. Ha ho hlokahala, barab’abo rōna ba lokela ho kōpa hore phutheho e ba odarele eona kapele kamoo ho ka khonehang.
◼ Na u ka sebeletsa Namibia moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng? ’Muso oa Namibia o leqe ho lumella batho ba linaha tse ling ho kena ka hare ho naha ka lebaka la hore ho na le batho ba bangata haholo ba sa sebetseng. Na u hlahetse Namibia kapa ke batsoali ba hao kapa bona batsoali ba bona ba hlahetseng teng? Na u se u tlohetse mosebetsi ’me u itjere licheleteng? Na u ka nahana ka ho fallela Namibia e le hore u e’o thusa? Ha ho le joalo, re kōpa u ikopanye le Lefapha la Tšebeletso hore u fumane lintlha tse eketsehileng.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore liphutheho tse leshome li bile motlotlo ha li nehela Liholo tsa tsona Tsa ’Muso tse ncha. Gauteng: Jameson Park (Heidelberg) le ea Olivedale (Johannesburg). KwaZulu-Natal: Dassenhoek West, Durban-Malvern, Empangeni Central, Ethaleni, Marianhill West, Shaka’s Kraal, Sundumbli East le ea Qakwini.