Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/11 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 4/11 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka April le May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? July le August: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong eo mohlomong phutheho e ntseng e e-na le eona setokong.

◼ Ho qala ka May, liphutheho tsohle li lokela ho ikitlaelletsa ho qala lithuto tsa Bibele Moqebelong oa pele oa khoeli ka ’ngoe. Lihlooho tsa Molula-Qhooa tse reng “Ithute Lentsoe la Molimo” li etselitsoe ho thusa bahoeletsi ho etsa joalo. Leqepheng la ho qetela la likhatiso tsohle tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ho tla ba le mehlala ea seo re tla se bua le batho khoeling e latelang, hammoho le tlhahiso ea ho qala thuto ea Bibele Moqebelong oa pele oa khoeli.

◼ Ha u pakela motho ea buang Sechaena, mo bontše maqephe a bukana ea Nations moo ho hlahang Sechaena (sa Khale) (CH) le Sechaena (se Nolofalitsoeng) (CHS), e le hore u utloe hore na o rata ho bala Sechaena sefe. Ka kakaretso, batho ba tsoang Hong Kong kapa Taiwan ba rata ho bala lingoliloeng tsa Sechaena (sa Khale) (CH), athe hangata ba tsoang Chaena ba rata Sechaena (se Nolofalitsoeng) (CHS). Leha ho le joalo, tabeng ea likhatiso tsa rōna tsa video kapa tse mameloang, ela hloko hore na ke puo efe eo motho a e buang a bileng a e utloisisang hantle. Ka kakaretso, batho ba tsoang Chaena le Taiwan ba utloisisa Sechaena (sa Semandarin) (CHM), athe ba tsoang Hong Kong ba utloisisa Sechaena (sa Secantonese) (CHC). Re kōpa hore boitsebiso ba hore na motho ea thahasellang o fumaneha hokae u bo fetisetse sehlopheng kapa phuthehong ea Sechaena e haufi, kapa ofising ea lekala.

◼ Baholo ba hopotsoa hore ba hlahlobe leqephe la pele la lengolo la la 23 May, 2010, le ngoletsoeng lihlopha tsohle tsa baholo ’me ba etse boiteko bo khethehileng ba ho mema bahoeletsi bohle ba seng ba sa kopanele tšebeletsong hore ba tle Sehopotsong ka la 17 April.

◼ Lipina tsa ’Muso tse tla binoa Sehopotsong ke Pina ea 8 le ea 109. E le hore seboka sena se khethehileng se atlehe, ekaba hantle hore re prakthise lipina tsena malapeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela