Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka May: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? July le August: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong eo mohlomong phutheho e ntseng e e-na le eona setokong.
◼ Phutheho ea Mossel Bay West le Payneville (Springs) li sa tsoa nehela Liholo Tsa ’Muso tse ncha. Liholo tsena li hahiloe ka thuso ea baithaopi ba bangata ba lerato. Na u ka rata ho kenya letsoho mosebetsing oa kaho ea Liholo Tsa ’Muso? Re kōpa hore u tlatse foromo ea Kingdom Hall Volunteer Worker Questionnaire (S-82). Mongoli oa phutheho ea heno o lokela ho ba le liforomo tsena.