Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Ka December 2010, naheng ea Swaziland ho ile ha fihleloa tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2 826, e leng se bontšang hore ba eketsehile ka liphesente tse tharo. Bahoeletsi ba naheng eo e nyenyane ba ntse ba chesehela bosebeletsi ba bona, ’me ba tsoela pele ho fana ka bopaki bo babatsehang mabapi le ’Muso o hlonngoeng oa Jehova.
Re thabela ho le tsebisa lenane la ba bileng teng Likopanong Tsa Setereke Tsa “Lulang le le Haufi le Jehova” Tsa 2010 hammoho le lenane la ba kolobelitsoeng.
Ba Bileng Teng Ba Kolobelitsoeng
Afrika Boroa 169 843 2 204
Botswana 3 667 71
Lesotho 6 327 131
Namibia 3 901 70
St. Helena 182 –
Swaziland 6 318 128
KAKARETSO 190 238 2 604