Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Ho sebelitsoe hantle tšimong ka July 2011. Ruri hoa thabisa ho bona palo ea lithuto tsa Bibele e eketseha. Bahoeletsi ba Swaziland ba 2 917 ba ile ba finyella tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 4 419 ’me bahoeletsi ba Namibia ba 1 816 ba tlaleha tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 3 587. Bahoeletsi ba eketsehileng, ba akarelletsang bacha, ba ntse ba kenela tšebeletso ea bo-pula-maliboho ho sa tsotellehe maemo a moruo a ntseng a mpefala. Tsoelang pele le bolela ka cheseho hore ’Muso oa Jehova ke eona feela tšepo ea moloko oa batho!