Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 27 February, 2012. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e ka tšohloang ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.
1. Na ho nepahetse ho bolela hore toka ea Jehova e bebofatsoa ke mohau? (Esa. 30:18) [La 9 Jan. w02 3/1 leq. 30]
2. Re ka ithuta’ng tabeng ea ho tlosoa ha Shebna boemong ba ho ba motsamaisi ka tlung ea Ezekiase? (Esa. 36:2, 3, 22) [La 16 Jan. w07 1/15 leq. 8 ser. 6]
3. Re ka ithuta’ng tlalehong e ho Esaia 37:1, 14-20 tabeng ea ho sebetsana le matšoenyeho? [La 16 Jan. w07 1/15 leq. 9 lir. 1-2]
4. Papiso e ho Esaia 40:31 e khothatsa bahlanka ba Jehova joang? [La 23 Jan. w96 6/15 maq. 10-11]
5. Mantsoe a Jehova a ho Esaia 41:14 ke a khothatsang ka ho khetheha mabapi le tlhaselo efe e atamelang kajeno? [La 23 Jan. ip-2 leq. 24 ser. 16]
6. Re bontša Jehova joang hore re ‘lelekisa ho loka’? (Esa. 51:1) [La 6 Feb. ip-2 leq. 165 ser. 2]
7. “Ba bangata” bao ho buuoang ka bona ho Esaia 53:12 ke bo-mang, hona ke thuto efe e thabisang eo re ithutang eona ka Jehova tseleng eo a sebelisanang le bona ka eona? [La 13 Feb. ip-2 leq. 213 ser. 34]
8. Batho ba Jehova ba hlahetsoe ke eng mehleng ea ho qetela e ileng ea hlalosoa ka tsela ea tšoantšetso ho Esaia 60:17? [La 20 Feb. ip-2 leq. 316 ser. 22]
9. Bohlokoa ba ‘selemo sa kamohelo’ seo Jesu le balateli ba hae ba ileng ba rongoa hore ba se bolele ke bofe? (Esa. 61:2) [La 20 Feb. ip-2 maq. 324-325 lir. 7-8]
10. Mantsoe a Esaia 63:9 a totobatsa tšobotsi efe e babatsehang ea Jehova? [La 27 Feb. w03 7/1 leq. 19 lir. 22-23]