Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/12 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 2/12 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa March: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? April: U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? kapa bukana leha e le efe e tsamaisoang tšimong e teng setokong sa phutheho. May: Molula-Qhooa le Tsoha!

◼ Puo e khethehileng e tla fanoa mafelo-bekeng a latelang Sehopotso ’me sehlooho sa eona se re, “Na Bofelo bo Haufi ho Feta Kamoo U Nahanang Kateng?”

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho etela libaka tse tla akarelletsa ho ea naheng e ’ngoe e sa hlaheng e ikemetse tlalehong ea selemo sa tšebeletso sa morao-rao kapa eo aterese ea eona e sa hlaheng leqepheng la ho qetela la Buka ea Selemo ea morao-rao, re kōpa hore u ikopanye le ofisi ea lekala ea heno ho tiisa hore na ke lintho life tseo u lokelang ho li ela hloko kapa litaelo tse khethehileng tseo u ka ’nang ua lokela hore u li latele. E ka ’na eaba mosebetsi oa ’Muso o thibetsoe ka litsela tse itseng sebakeng seo. (Mat. 10:16) Linaheng tse ling, e ka ’na ea se ke ea e-ba bohlale hore baeti ba kopane le Lipaki tsa moo kapa liphutheho tsa teng. U ka ’na ua fuoa tataiso e ’ngoe mabapi le ho fana ka bopaki bo sa reroang kapa ho nka lingoliloeng. Ha u mamela tataiso e fanoeng, seo se tla u thusa hore u se ke ua ipakela mathata ho sa hlokahale le hore u se ke ua baka mathata mosebetsing oa ’Muso naheng eo u e etetseng.—1 Bakor. 14:33, 40.

◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho nehetsoe Liholo Tsa ’Muso tse ling tse tharo. Haufinyane tjena phutheho ea Eerstegeluk le ea Madibong tse Limpopo le Phutheho ea Ebony Park, e Midrand, li ile tsa natefeloa ke ketsahalo eo e thabisang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela