Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Bahoeletsi ba romelang litlaleho Lekaleng la Afrika Boroa ba sebelitse hantle haholo khoeling ea October, le hoja ba bangata ba ne ba ile likopanong tsa bona tsa setereke. Lesotho le fihletse litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi ba 3 844 le lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 7 008! Swaziland e tlalehile tlhōrō ea lithuto tsa Bibele tse 4 442 le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 3 134, e leng keketseho ea karolo ea 8 lekholong. Ke ho khothatsang haholo ho tlaleha hore Afrika Boroa ho kolobelitsoe barutuoa ba bacha ba 1 546 khoeling ea October.