Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa leeto la ho boela, u buelle buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, haeba ho loketse. November le December: Tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? kapa pampitšana leha e le efe e teng setokong sa phutheho. Haeba motho a bontša thahasello, mo bontše hore na thuto ea Bibele e khannoa joang u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. January le February: Tsamaisa e ’ngoe ea libukana tsena tse latelang tse maqephe a 32: A Satisfying Life—How to Attain It, Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? Ha u etsa leeto la ho boela, leka ho qalisa thuto ea Bibele u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa haeba ho loketse ho latela litlhoko tsa motho, sebelisa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng.