Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka November le December: Pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? kapa pampitšana leha e le efe e teng setokong sa phutheho. Haeba motho a thahasella, mo bontše hore na thuto ea Bibele e khannoa joang u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. January le February: Tsamaisa e ’ngoe ea libukana tsena tse latelang tse maqephe a 32: Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, U ka ba Motsoalle oa Molimo!, le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? Ha u etsa leeto la ho boela, leka ho qalisa thuto ea Bibele u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba ho loketse.
◼ Letsatsi le khethehileng la Limakasine le tla ba ka Moqebelo oa la 2 March, 2013. Re khothalletsa bohle hore ba qale esale joale ho lokisetsa ho ba tšebeletsong ka botlalo letsatsing leo.
◼ Bahoeletsi bao e leng bo-pula-maliboho ba thusang ka March 2013 ba ka khetha hore na ba tla sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 tse hlokahalang khoeling eo. Ho phaella moo, haeba molebeli oa potoloho o tla be a etetse phutheho ea habo lōna ka March, bo-pula-maliboho bohle ba thusang, ho sa tsotellehe hore na pakane ea bona ke ho finyella lihora tse 30 kapa tse 50, ba memeloa hore ba be teng nakong eohle ea seboka seo molebeli oa potoloho a tla ba le sona le bo-pula-maliboho ba kamehla.
◼ Ka 2013 phutuho ea tšimo e sa abuoang e tla ba ka March, April le May. Baholo ba khothalletsoa hore ba etse litokisetso nako e sa le teng ’me ba tsebise bahoeletsi hore na tšimo e sa abuoang e tla sebetsoa neng hona hokae.
◼ Phutheho ea Ondangwa, Namibia e ile ea thabela ho nehela Holo ea eona ea ’Muso e ncha.