Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka December: Pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? kapa pampitšana leha e le efe e teng setokong sa phutheho. Haeba motho a thahasella, mo bontše hore na thuto ea Bibele e khannoa joang u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng. January le February: Tsamaisa e ’ngoe ea libukana tsena tse latelang tse maqephe a 32: Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, U ka ba Motsoalle oa Molimo!, le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? Ha u etsa leeto la ho boela, leka ho qalisa thuto ea Bibele u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba e le eona e loketseng motho eo u buisanang le eena. March le April: Makasine ea Molula-Qhooa le eaTsoha! Ha u etsa leeto la ho boela, u buelle buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba e le eona e loketseng motho eo u buisanang le eena, ʼme u leke ho qalisa thuto ea Bibele.
◼ Sehopotso sa 2014 se tla ba ka Mantaha oa la 14 April.