Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/12 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 12/12 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 31 December, 2012. Ho kenyelelitsoe letsatsi leo ntlha ka ’ngoe e tla tšohloa ka lona e le hore re ka etsa lipatlisiso ha re lokisetsa sekolo beke ka ’ngoe.

1. Boprofeta bo ho Joele 2:1-10, 28 ba ho hlaseloa ke likokoanyana bo phethahetse joang? [La 5 Nov., w07 10/1 leq. 13 ser. 1]

2. Amose 8:11 e phethahala ho bo-mang, hona ke potso efe eo re lokelang ho ipotsa eona, kaha re phela har’a matletsetletse a lijo tsa moea? [La 12 Nov., jd leq. 61 ser. 9]

3. Ke eng eo e ka ’nang eaba e ile ea etsa hore lipelo tsa Baedomo li ikhohomose, empa ke ʼnete efe eo re sa lokelang ho e lebala le ka mohla? (Obad. 3, 4) [La 19 Nov., w07 11/1 leq. 14 ser. 1]

4. Jehova o ile a ikutloa a soabile ka tsela efe mabapi le tlokotsi eo a neng a boletse hore o tla e tlisetsa baahi ba Ninive? (Jon. 3:8, 10) [La 19 Nov., w07 11/1 leq. 15 ser. 1]

5. Ho tsamaea ka lebitso la Molimo ho ka tiisa setsoalle sa rōna le eena joang? (Mik. 4:5) [La 26 Nov., jd leq. 88 ser. 12]

6. Ho phethahala ha boprofeta ba Nahume 2:6-10 ho re tiisetsa eng? [La 3 Dec., w07 11/15 leq. 9 ser. 2; w88 2/15 leq. 28 ser. 8]

7. Hagai 1:6 e bolela’ng, ʼme re lokela ho ithuta eng ho eona? [La 10 Dec., w06 4/15 leq. 22 lir. 12-15]

8. Re ka sebelisa joang keletso e ho Zakaria 7:10 e reng re se ke ra “rerelana letho le lebe” ka lipelong tsa rōna? [La 17 Dec., jd leq. 113 ser. 6; w07 12/1 leq. 11 ser. 3]

9. Ke hobane’ng ha mantsoe a Zakaria 4:6, 7 a tšelisa ho barapeli ba Jehova kajeno? [La 17 Dec., w07 12/1 leq. 11 ser. 1]

10. Ka lebaka la se boletsoeng ho Malakia 3:16, ke hobane’ng ha re sa lokela ho khoehlisa boikemisetsong ba rōna ba ho lula re tšepahala ho Molimo? [La 31 Dec., w07 12/15 leq. 29 ser. 3]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela