Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka January le February: Tsamaisa e ’ngoe ea libukana tsena tse latelang tse maqephe a 32: Bibele—E na le Molaetsa Ofe?, U ka ba Motsoalle oa Molimo! le Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng? Ha u etsa leeto la ho boela, leka ho qalisa thuto ea Bibele u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba e le eona e loketseng motho eo u buisanang le eena. March le April: Makasine ea Molula-Qhooa le eaTsoha! Ha u etsa leeto la ho boela, buella buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng haeba e le eona e loketseng motho eo u buisanang le eena, ʼme u leke ho qalisa thuto ea Bibele.
◼ Sehlooho sa puo ea phatlalatsa e tla fanoa ke molebeli oa potoloho karolong ea bobeli ea selemo sa tšebeletso sa 2013 se re, ‘Litaba Tse Molemo ho Lichaba Tsohle, Meloko Eohle le Maleme ʼOhle.’
◼ Haeba phutheho ea habo lōna e kōpile ho ba le seabo letšolong la tšimo e sa abuoang ka 2013, empa e e-s’o fumane kabelo bofelong ba January 2013, re kōpa hore le tsebise ofisi ea lekala kapele kamoo ho ka khonehang.