Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/13 leq. 8
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 4/13 leq. 8

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka April: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa maeto a ho boela, buella buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa ho latela maemo a mong’a ntlo, u buelle bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, ebe u leka ho qala thuto ea Bibele. May le June: Tsamaisa pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? kapa pampitšana leha e le efe eo phutheho e nang le eona setokong. Haeba motho a bontša thahasello, mo bontše hore na thuto ea Bibele e khannoa joang, u sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng.

◼ Le ka fetola kemiso ea liboka tsa beke e tlang pele ho ea kopano ea lōna ea setereke e le hore le be le monyetla oa ho tšohla likeletso le likhopotso tse ileng tsa hlahlojoa bekeng ea la 22 April. Khoeli kapa tse peli ka mor’a kopano ea lōna ea setereke, puong ea litlhoko tsa phutheho ho ka ba le tlhahlobo ea lintlha tsa kopano tseo bahoeletsi ba boneng li ka ba tsoela molemo tšebeletsong ea tšimo.

◼ Neng le neng ha u lokisetsa ho eta ’me u rera ho ea kopanong ea setereke naheng e ’ngoe, u tla fumana boitsebiso bo ka u thusang Websaeteng ea jw.org ka ho khetha “Likopano” tlas’a sehlooho se reng “Mabapi le Rōna.”

◼ Le tla thabela ho tseba hore hona joale ho na le liphutheho tse 2 200 le lihlopha tsa bahoeletsi tse 53 tšimong ea lekala la rōna. Ho tsona, tse 1 975 li sebelisa Websaete ea rōna ea www.jw.org ho fana ka litlaleho, ho odara lingoliloeng le ho kopitsa litokomane tsa phutheho. Re lakatsa ho babatsa liphutheho tsohle tse sebelisang Websaete ea rōna. Sena se thusa ofisi ea lekala ho boloka nako le ho fokotsa mosebetsi ’me se thusa le liphutheho tse sebelisang Websaete ena. Leha ho le joalo, ho na le liphutheho tse 278 tse e-s’o e sebelise. Re kōpa hore liphutheho tseo tsohle li qale ho sebelisa Websaete ena kapele kamoo li ka khonang. Ka kōpo iteanyeng le ofisi ea lekala haeba le hloka thuso tabeng ena.

◼ Re thabela ho le tsebisa hore liphutheho tse 12 li bile motlotlo ha li nehela Liholo tsa tsona Tsa ’Muso tse ncha. Eastern Cape: Mlungisi, Hlankomo le Nomlacu. Gauteng: Lotus Gardens, Mayfield, Refengkhotso, Sunrise le Tsakane East. KwaZulu-Natal: Mevamhlophe. Limpopo: Dzumeri. Swaziland: Ekupheleni. Western Cape: Guguletu West.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela