Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka August: Tsamaisa bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa bukana leha e le efe eo phutheho e nang le eona. September le October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ha u etsa maeto a ho boela, buella buka ea Seo Bibele e se Rutang, kapa ho latela maemo a mong’a ntlo, u buelle bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! kapa Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, ebe u leka ho qala thuto ea Bibele. November le December: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? Moo ho bontšitsoeng thahasello, bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang ka buka ea Seo Bibele e se Rutang kapa bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
◼ Ho tloha ka beke ea la 28 October, 2013, re tla ithuta bukana ea Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno? Thutong ea Bibele ea Phutheho. Ha re qeta bukana ena, re tla ithuta buka ea Atamela ho Jehova ho tloha bekeng ea la 6 January, 2014. Liphutheho tse hlokang likhatiso tsena li lokela ho li kenyelletsa odareng ea tsona e latelang ea lingoliloeng.
◼ Ho tloha ka September, molebeli oa potoloho o tla fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Kamoo Lerato le Tumelo li Hlōlang Lefatše Kateng.”
◼ Liphutheho tse latelang li thabetse ho nehela Liholo tsa tsona tse ncha tsa ʼMuso. Gauteng: Soshanguve East. Lesotho: Maseru, Ha Mabote. North West: Ikageng West.