Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/14 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 2/14 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 24 February, 2014.

  1. Satane o ile a susumelletsa Eva hore a nahane haholo ka eng, hona Eva o ile a bontša eng ka ho ja tholoana e hanetsoeng? (Gen. 3:6) [La 6 Jan, w11 5/15 maq. 16-17 ser. 5]

  2. Ho tlile joang hore Abele a be le tumelo e matla e ileng ea etsa hore Jehova a amohele sehlabelo sa hae? (Gen. 4:4, 5; Baheb. 11:4) [La 6 Jan, w13 1/1 leq. 12 ser. 3; leq. 14 lir. 4-5]

  3. Batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang hore ba se ke ba khahloa ke banna “ba matla” le “ba tummeng” ba lefatše lee? (Gen. 6:4) [La 13 Jan, w13 4/1 leq. 13 ser. 2]

  4. Re ithuta’ng tlalehong ea Lota le mosali oa hae ha ba baleha Sodoma tabeng ea ho hopola hore metsotso e jele babeli? (Gen. 19:14-17, 26) [La 27 Jan, w03 1/1 maq. 16-17 ser. 20]

  5. Abrahama o ile a bontša joang hore o na le tumelo tsohong ea bafu le tšepisong ea Jehova ea hore peō e ne e tla hlaha ka Isaka? (Gen. 22:1-18) [La 3 Feb, w09 2/1 leq. 18 ser. 4]

  6. Re ka ithuta linnete life tsa bohlokoa boprofeteng bo tlalehiloeng ho Genese 25:23, bo reng “e moholo o tla sebeletsa e monyenyane”? [La 10 Feb, w03 10/15 leq. 29 ser. 2]

  7. Toro ea Jakobo ea lere e ne e bontša eng ea bohlokoa? (Gen. 28:12, 13) [La 10 Feb, w04 1/15 leq. 28 ser. 6]

  8. Ke hobane’ng ha Labane a ne a batla ho fumana terafime ea hae e neng e utsoitsoe? (Gen. 31:30-35) [La 17 Feb, it-2-E leq. 186 ser. 2]

  9. Re ka ithuta eng tseleng eo ka eona lengeloi le ileng la arabela Jakobo ho Genese 32:29? [La 24 Feb, w13 8/1 leq. 10]

  10. Re ka qoba liphello tse bohloko tsa se ileng sa hlahela Dina joang? (Gen. 34:1, 2) [La 24 Feb, w01 8/1 maq. 20-21]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela