Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/14 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 3/14 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka March le April: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! May le June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa e ’ngoe ea lipampitšana tse latelang: Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele?, U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?, Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?, Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?, kapa Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

◼ Selemong sena Sehopotso se tla tšoaroa ka Mantaha oa la 14 April. Haeba ka tloaelo phutheho ea habo lōna e tšoara liboka ka Mantaha, le lokela ho li tšoara ka letsatsi le leng har’a beke haeba Holo ea ’Muso e sa sebelisoe. Haeba le tla sitoa ho tšoara Seboka sa Tšebeletso, mohokahanyi oa sehlopha sa baholo a ka etsa liphetoho kemisong e le hore lipuo tse amang phutheho ea lōna, li behoe sebokeng se seng khoeling eo.

◼ Sehlooho sa puo ea phatlalatsa e tla fanoa ke molebeli oa potoloho karolong ea bobeli ea selemo sa tšebeletso sa 2014 se re, “Ho Lopolloa Mahlomoleng a Lefatše ho Haufi.”

◼ Re thabela ho le tsebisa hore liphutheho tse 13 tse latelang li ile tsa nehela Liholo Tsa tsona tsa ’Muso. Eastern Cape: Ibika. Gauteng: Clayville, Eldoraigne, Ivory Park West, Kwatsaduza, Montana le Soshanguve Boikhutsong. Kwa-Zulu Natal: Acaciavale, Burford le Osizweni Central. Mpumalanga: Kwazanele, Lillydale le Nsikazi South.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela