Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Bahoeletsi ba Lesotho ba fane ka tlaleho e ntle haholo khoeling ea September. Ho tlalehile bahoeletsi ba 3 808, e leng keketseho ea liphesente tse 5 ha e bapisoa le palo ea bahoeletsi ba tlalehileng ka 2012. Ka karolelano mohoeletsi ka mong o tlalehile lihora tse 11 ka khoeli ’me kaofela ba khannile lithuto tsa Bibele tse 6 452. Kopanong ea Setereke ea ‘Lentsoe la Molimo ke ’Nete!’ e neng e tšoaretsoe Lesotho, ho bile teng batho ba 6 887 ’me ha kolobetsoa ba 86. Re thabela hore ebe batho ba bangata ba tšepahalang ba Lesotho ba phallela thabeng ea Jehova!—Esa. 2:2.