Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/14 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 6/14 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 30 June, 2014.

  1. Ke hobane’ng ha molao-motheo o ho Exoda 23:2 e le oa bohlokoa ha re khetha boithabiso le boikhathollo? [La 5 May, w11 7/15 maq. 10-11 lir. 3-7]

  2. Taelo ea Jehova ea hore baprista ba hlape pele ba mo etsetsa mahlabelo e ne e tebile hakae, ’me ke ea bohlokoa hakae ho bahlanka ba Molimo kajeno? (Ex. 30:18-21) [La 19 May, w96 7/1 leq. 9 ser. 9]

  3. Ke hobane’ng ha Jehova a sa ka a otla Arone ha a entse namane ea khauta? (Ex. 32:1-8, 25-35) [La 19 May, w04 3/15 leq. 27 ser. 4]

  4. Pono ea Mokreste ka lefereho le lenyalo e amana joang le hore Molimo o ne a hanela Baiseraele ho nyalana le bajaki? (Ex. 34:12-16) [La 26 May, w89 11/1 maq. 20-21 lir. 11-13]

  5. Ke hobane’ng ha se ileng sa etsahalla Bezaliele le Oholiabe se re khothatsa ka ho khethehileng? (Ex. 35:30-35) [La 26 May, w10 9/15 leq. 10 ser. 13]

  6. “Pontšo e halalelang ea boinehelo” e neng e le tukung ea moprista ea phahameng oa Iseraele e ne e le khopotso ea eng ’me e re ruta eng ka boinehelo? (Ex. 39:30) [La 2 June, w01 2/1 leq. 14 lir. 2-3]

  7. Ke boikarabelo bofe boo Bakreste bohle ba nang le bona ba ho tlaleha phoso e tebileng e entsoeng ke Mokreste e mong? (Lev. 5:1) [La 9 June, w97 8/15 leq. 27]

  8. Mahlabelo a kopanetsoeng a ne a phetha karolo efe ea bohlokoa mehleng ea Baiseraele, ’me kajeno re ithuta eng ka tokisetso ee? (Lev. 7:31-33) [La 16 June, w12 1/15 leq. 19 lir. 11-12]

  9. Ho ka etsahala hore ebe sebe sa bara ba Arone, e leng Nadabe le Abihu se ne se akarelletsa eng, ’me re ithuta eng tlalehong ee? (Lev. 10:1, 2, 9) [La 23 June, w04 5/15 leq. 22 lir. 6-8]

  10. Ke hobane’ng ha ho beleha ho ne ho etsa hore mosali e be “ea sa hloekang”? (Lev. 12:2, 5) [La 23 June, w04 5/15 leq. 23 ser. 1]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela