Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka June: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa e ’ngoe ea lipampitšana tse latelang: Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele?, U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?, Ke Eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?, Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše?, kapa Na Mahlomola a Tla ke a Fele? July: Tsamaisa bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!, kapa bukana leha e le efe eo phutheho e nang le eona setokong. August: Pampitšana ea Re ka Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa Bophelong Hokae?
◼ Ho tloha qetellong ea selemo sa tšebeletso sa 2014, litlelase tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho li tla nka matsatsi a tšeletseng, ho tloha ka Mantaha ho fihlela ka Moqebelo.
◼ Re thabela ho le tsebisa hore ho ile ha neheloa Liholo Tsa ’Muso tse ncha tse supileng. Eastern Cape: Butterworth Central, Nqamakwe. Gauteng: Cosmo English, Simunye-Westonaria. Limpopo: Schoonoord. Mpumalanga: Nhlazatshe. Western Cape: Zwelihle.