Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/14 leq. 2
  • Ke Motho oa Mofuta Ofe Mahlong a Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Motho oa Mofuta Ofe Mahlong a Jehova?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Seipone Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lula U E-na le “Lerato Leo U Neng U E-na le Lona Pele”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Mehato e Supileng e ka Tsoelang Motho Molemo ha a Bala Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Kamoo re ka Lulang re E-⁠na le Moea oa Boitelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 7/14 leq. 2

Ke Motho oa Mofuta Ofe Mahlong a Jehova?

1. Bibele e tšoana le seipone joang?

1 U icheba ka seiponeng hangata hakae? Bongata ba rōna re icheba letsatsi le leng le le leng hobane se re thusa ho bona lintho tse hlokang ho lokisoa. Bibele e ’nile ea tšoantšoa le seipone. Ho bala Lentsoe la Molimo ho re nolofalletsa ho bona seo re hlileng re leng sona, e leng seo Jehova a se bonang. (1 Sam. 16:7; Jak. 1:22-24) Lentsoe la Molimo le ka “lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Ho bala le ho thuisa ka Bibele letsatsi le letsatsi ho ka re thusa joang ho bona moo re ka lokisang teng e le hore re be baboleli ba atlehileng?—Pes. 1:1-3.

2. Bibele e ka re thusa joang hore re itlhahlobe?

2 Sebelisa Bibele e le Seipone: Litlaleho tsa Bibele tsa bahlanka ba Jehova ba tšepahalang li re ruta hore na ke litšobotsi life tse amohelehang ho eena. Ka mohlala, Davida o ile a bontša hore o chesehela lebitso la Molimo. (1 Sam. 17:45, 46) Ka sebete Esaia o ile a ithaopela ho bolela tšimong e thata. (Esa. 6:8, 9) Kaha Jesu o ne a rata Ntate oa hae ea leholimong haholo, seo se ile sa etsa hore a talime tšebeletso e le mohloli oa khatholoho le khotsofalo ho e-na le ho e talima e le moroalo. (Joh. 4:34) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba bolela ka cheseho, ba itšetleha ka Jehova ’me ba ikemiselitse hore ba se ke ba tela. (Lik. 5:41, 42; 2 Bakor. 4:1; 2 Tim. 4:17) Ho thuisa ka mehlala e joalo ho re thusa ho icheba ka morero oa ho ntlafatsa tšebeletso ea rōna e halalelang.

3. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lieha ho etsa liphetoho?

3 Lokisa Liphoso: Ha e le hantle, ho icheba ka seiponeng ebe ha re lokise sekoli, ha ho re tsoele molemo. Re ka kōpa Jehova hore a re thuse ho italima ka tsela e nepahetseng le ho re thusa ho etsa liphetoho tse hlokahalang. (Pes. 139:23, 24; Luka 11:13) Kaha nako e setseng e fokotsehile ’me bophelo ba batho bo kotsing, ha rea lokela ho lieha ho etsa liphetoho tse hlokahalang.—1 Bakor. 7:29; 1 Tim. 4:16.

4. Ho etsahala’ng ka motho ea nyarelang Lentsoeng la Molimo ebe o nka khato ka seo a se bonang?

4 Seo motho a hlileng a leng sona—e leng seo Jehova a se bonang—ke sa bohlokoa ho feta tsela eo a shebahalang ka eona. (1 Pet. 3:3, 4) Ho etsahala’ng ha motho a nyarela Lentsoeng la Molimo ebe o nka khato ka seo a se hlokomelang? Hase ‘moutloi ea lebalang, empa ke moetsi oa mosebetsi, ’me o tla thaba ho o etseng ha hae.’ (Jak. 1:25) Ka sebele, re tla ba baboleli ba thabileng le ba atlehang hobane re “bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone.”—2 Bakor. 3:18.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela