Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November le December: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa lipampitšana leha e le life tseo phutheho e nang le tsona setokong. Liphutheho tse nang le lipampitšana tsa khale li lokela ho ikitlaelletsa ho li tsamaisa ’me li se ke tsa li boloka setokong. January le February: Tsamaisa e ’ngoe ea libukana tsena tse maqephe a 32: Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!, Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng, Na U Fumane Tsela e Isang Bophelong bo sa Feleng?