Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Khoeli ea May e bile e ikhethang bakeng sa Namibia hobane bahoeletsi ba 2 237 ba ile ba tlaleha tšebeletso ea bona ea tšimo, e leng se bolelang hore bahoeletsi ba ile ba eketseha ka liphesente tse 11! Kaha ho khannoa lithuto tsa Bibele tse 4 651 naheng ena ea lipuo tse ngata, ho hlokahala thuso e khōlō mosebetsing ona o moholo oa ho kotula. Kahoo, haeba u tsoaletsoe Namibia, kapa u ka khona ho hlophisa maemo a hao hore u fallele moo, re u khothalletsa hore u etse joalo!—Lik. 16:9.