Lintlha-khōlō Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Tlaleho ea Namibia ea khoeli ea September e bontša hore ho bile le keketseho ea 6 lekholong ’me hona joale ho na le bahoeletsi ba 2 343 ba tlalehang lihora tsa bona! Naheng ena e nang le batho ba merabe e sa tšoaneng, ho bonahala eka ba tla eketseha le ho feta kaha hona joale ba khanna lithuto tsa Bibele tse 4 622. Khoeling eona eo, Afrika Boroa e tlalehile bahoeletsi ba 94 097 ’me ba khanna lithuto tsa Bibele tse 134 441. Ruri likopano tsa lebatooa li fane ka matletse-tletse a lijo tsa moea tse khothatsang tse fanoeng ke Lekhoba le Tšepahalang le le Masene e le hore re ka tsoela pele ho ‘batla ’muso pele’.—Mat. 6:33.