Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/15 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 8/15 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 31 August, 2015.

  1. Re ithuta linnete life ka Jehova Molimo thapelong ea Solomone tse matlafatsang tumelo ea rōna, hona ho thuisa ka tsona ho ka re tsoela molemo joang? (1 Mar. 8:22-24, 28) [La 6 July, w05 7/1 leq. 30 ser. 3]

  2. Ke hobane’ng ha mohlala oa Davida oa ho tsamaea “ka pelo e tšepahalang” o lokela ho re susumelletsa hore re mo etsise? (1 Mar. 9:4) [La 13 July, w12 11/15 leq. 7 lir. 18-19]

  3. Hore ebe Jehova o ile a roma Elia hore a ee ho mohlolohali oa Sarepta ho re ruta thuto efe ea bohlokoa? (1 Mar. 17:8-14) [La 27 July, w14 2/15 leq. 14]

  4. Ho thuisa ka tlaleho e ho 1 Marena 17:10-16 ho ka matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho tšepa Jehova ka ho feletseng joang? [La 27 July, w14 2/15 maq. 13-15]

  5. Mohlala oa Elia oa ho sebetsana ka katleho le ho nyahama o re ruta’ng? (1 Mar. 19:4) [La 3 Aug., ia maq. 102-103 lir. 10-12; w14 3/15 leq. 15 lir. 15-16]

  6. Jehova o ile a etsa’ng ha a hlokomela hore moprofeta oa hae ea tšepahalang Elia o nyahame, hona re ka etsisa Molimo oa rōna ea lerato joang? (1 Mar. 19:7, 8) [La 3 Aug., w14 6/15 leq. 27 lir. 15-16]

  7. Morena Akabe o ne a talima lintho ka tsela efe e fosahetseng, hona kajeno Bakreste ba ka qoba ho etsa phoso e joalo joang? [La 10 Aug., lv maq. 164-165, lebokose; w14 2/1 leq. 14 lir. 3-4]

  8. Ntho eo Elisha a ileng a e kōpa ho Elia e re ruta’ng, hona see se ka re thusa joang ha re fumana kabelo e ncha tšebeletsong ea ’Muso? (2 Mar. 2:9, 10) [La 17 Aug., w03 11/1 leq. 31 lir. 5-6]

  9. Bacha ba ka etsisa sebete le tumelo ea ngoanana oa Moiseraele eo ho buuoang ka eena ho 2 Marena 5:1-3 joang? [La 24 Aug., w12 2/15 maq. 12-13 ser. 11]

  10. Jehu o ne a e-na le litšobotsi life tseo bahlanka bohle ba Jehova ba lokelang ho ikitlaelletsa ho li etsisa nakong ee ea bofelo? (2 Mar. 10:16) [La 31 Aug., w11 11/15 leq. 5 ser. 4]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela