Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/15 leq. 4
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
km 8/15 leq. 4

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tsamaisoang ka August: Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo kapa bukana leha e le efe e maqephe a 32. September le October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! November le December: Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? kapa e ’ngoe ea lipampitšana tse latelang: Na Ruri Bafu ba ka Boela ba Phela?, Maikutlo a Hao ke Afe ka Bibele?, U Nahana Hore Bokamoso bo Tla ba Joang?, Ke eng e Tlisang Thabo ka Lapeng?, ’Muso oa Molimo ke Eng?. Hantle-ntle ke Mang ea Laolang Lefatše? le Na Mahlomola a Tla ke a Fele?

◼ Ho tloha khoeling ea September, balebeli ba potoloho ba tla fana ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Na Ruri Litsela Tsa Molimo li Molemo?”

◼ Kemiso ea liboka tsa beke e tlang pele ho ea kopano ea lōna ea setereke e ka fetoloa e le hore le ka sheba likeletso le likhopotso tse ileng tsa tšohloa libekeng tsa la 20 April le la 27 April, 2015. Khoeli kapa tse peli ka mor’a kopano ea lōna ea setereke, puong ea litlhoko tsa phutheho ho ka tšohloa lintlha tsa kopano tseo bahoeletsi ba boneng li ka ba tsoela molemo tšebeletsong ea tšimo.

◼ August ke khoeli e koalang selemo sa tšebeletso sa 2015. Balebeli ba lihlopha le bangoli ba kōptjoa ho fumana litlaleho tse saletseng morao khoeling e fetileng ’me ba li romele hammoho le litlaleho tsa August ofising ea lekala. Ha khoeli e fela bahoeletsi bohle ba lokela ho etsa bonnete ba hore ba fana ka litlaleho tsa bona ntle ho tieho.

◼ Lekaleng la rōna ho ile ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse ncha tse latelang: Eastern Cape: Zwelitsha Central. Free State: Botshabelo East. Kwa-Zulu Natal: Adams Mission. Limpopo: Maleetse. Swaziland: Mahwalala.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela