Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb17 January leq. 8
  • Hopola ho Rapella Bakreste ba Hlorisoang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hopola ho Rapella Bakreste ba Hlorisoang
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thabang Leha le Hlorisoa
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Baa Hlorisoa Empa ba Thabile
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • “Le Rapellane”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Hopola ho Rapella Batho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
mwb17 January leq. 8

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Hopola ho Rapella Bakreste ba Hlorisoang

Bibele e boletse e sa le pele hore Satane o tla re sitisa ho sebeletsa Molimo ka hore a re hlorise. (Joh 15:20; Tše 12:17) Re ka thusa Bakreste ’moho le rona ba hlorisoang linaheng tse ling joang? Re ka ba rapella. “Thapeli ea motho ea lokileng, ha e sebetsa, e na le matla a maholo.”—Jak 5:16.

Re ka bua ka eng lithapelong tsa rona? Re ka kopa Jehova hore a fe Bakreste ’moho le rona sebete le hore ba se ke ba tšoha. (Esa 41:10-13) Ra rapella le hore batho ba busang ba se ke ba thibela mosebetsi oa rona “e le hore re ka tsoela pele re phela bophelo bo khutsitseng le bo thotseng.”—1Ti 2:1, 2.

Ha Pauluse le Petrose ba ne ba hlorisoa, Bakreste ba bang ba ile ba ba bitsa ka mabitso ha ba ba rapella. (Lik 12:5; Bar 15:30, 31) Le haeba re sa tsebe mabitso a Bakreste ’moho le rona ba hlorisoang, re ka rapella liphutheho tseo ba leng ho tsona kapa libaka tseo ba phelang ho tsona.

  • Litaba tsa moraorao tsa Lipaki Tsa Jehova tse hlorisoang li hlaha ho jw.org/st. (Kena ho LITABA > LITABA TSA MOLAO.)

  • Sehlooho se hlahang ho jw.org se reng “Lipaki Tsa Jehova Tse Teronkong ka Lebaka la Tumelo ea Tsona—Ho ea ka Libaka” se bontša mabitso a batho ba koalletsoeng teronkong linaheng tse sa tšoaneng. (Kena ho LITABA > LITABA TSA MOLAO. Kena naheng eo u batlang ho fumana lintlha tse eketsehileng ka eona ’me u tla fumana leqephe la lethathamo la batho ba tšoeroeng.)

Ngola libaka tse nang le Bakreste ba hlorisoang bao u batlang ho ba rapella

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela