Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb17 March leq. 7
  • Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova(Jeremia 13)

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova(Jeremia 13)
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Itebele Hore U se ke Ua ba le Pelo e Bolotsana
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Jeremia—Moprofeta ea sa Ratoeng oa Likahlōlo tsa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ke Kentse Mantsoe a ka Molomong oa Hao”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
mwb17 March leq. 7

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 12-16

Baiseraele ba Ile ba Lebala Jehova

Jeremia o ne a fuoe kabelo e boima ea hore a bontše batho ba Juda le Jerusalema hore Jehova o ikemiselitse ho ba felisa ka lebaka la manganga a bona.

Jeremia o ile a iphumanela lebanta la line

13:​1, 2

  • Lebanta le tlanngoeng thekeng le ne le tšoantšetsa kamano e haufi e neng e ka ba teng pakeng tsa Jehova le sechaba

Jeremia o ile a isa lebanta nokeng ea Eufrate

13:​3-5

  • O ile a le pata lepetsong la lefika eaba hamorao o khutlela Jerusalema

Jeremia o ile a khutlela nokeng ea Eufrate ho ea lata lebanta

13:​6, 7

  • O ile a le fumana le bolile

Ka mor’a boiteko bona bohle boo Jeremia a bo entseng, Jehova o ile a mo hlalosetsa lebaka leo a ileng a mo fa kabelo eo ka lona

13:​8-​11

  • Le hoja kabelo eo Jeremia a neng a e fuoe e ne e bonahala eka ha e utloahale, e ile ea phetha morero oa Jehova oa ho batla ho finyella lipelo tsa Baiseraele

NA U NE U TSEBA?

Ho tloha Jerusalema ho ea nokeng ea Eufrate e ne e ka ba sebaka sa lik’hilomithara tse ka bang 500. E le hore Jeremia a ee a be a khutle, o ne a ka ’na a tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 2 000, e leng leeto le ka etsang likhoeli tse ’maloa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela