MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | JEREMIA 51-52
Lintho Tseo Jehova a li Boletseng Lia Phethahala
Jehova o ile a bolela esale pele tsela eo lintho li neng li tla etsahala ka eona
“Leotsang marumo”
Bamede le Bapersia ba ne ba tseba ho sebelisa marumo kaha e ne e le libetsa tsa bona. Ba ne ba a leotsa e le hore a be bohale
“Banna ba matla ba Babylona ba khaolitse ho loana”
Tlaleho ea Nabonidase e re: ‘Lebotho la Cyruse le ile la kena Babylona ntle ho ho loana.’ Sena se lumella le boprofeta ba Jeremia
“Babylona e tla fetoha liqubu tsa majoe [hape] e be lesupi ho isa nakong e sa lekanyetsoang”
Botumo ba Babylona bo ile ba qala ho fela ho tloha ka selemo sa 539 pele Jesu a tla lefatšeng. Alexandere e Moholo o ne a batla ho hapa Babylona empa o ile a hlokahala ka tšohanyetso. Mehleng ea ha Bokreste bo ne bo qala, ho ne ho e-na le Bajuda ba neng ba ntse ba phela Babylona, ke ka lebaka leo Petrose a neng a ea moo. Empa selemong sa bo 400 ka mor’a hore Jesu a tlohe lefatšeng, motse oo e ne le lesupi eaba qetellong ha o sa ba le baahi