11-17 September
EZEKIELE 46-48
Pina ea 134 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Litlhohonolofatso Tseo Baiseraele ba Neng ba Tla li Thabela ka Mor’a ho Lokolloa Babylona”: (10 mets.)
Ezek. 47:1, 7-12—Ho ne ho tla ba le matletse-tletse a lijo (w99 3/1 10 ¶11-12)
Ezek. 47:13, 14—Lelapa le leng le le leng le ne le tla ba le moo le lulang (w99 3/1 10 ¶10)
Ezek. 48:9, 10—Pele ba ka fuoa naha eo, karolo e ’ngoe ea eona e ile ea behelloa ka thoko e le “monehelo” oa Jehova
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Ezek. 47: 1, 8; 48:30, 32-34—Ke hobane’ng ha Bajuda ba neng ba le Babylona ba ne ba sa lebella hore lintho tseo Ezekiele a li boneng ponong li phethahale hantle feela joalokaha a li bone? (w99 3/1 11 ¶14)
Eze 47:6—Ke hobane’ng ha Ezekiele a ne a bitsoa “mor’a motho”? (it-2 1001)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ezek. 48:13-22
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho sa Molula-Qhooa oa No 5—Mo bolelle hore na le tla bua ka’ng nakong e tlang.
Leeto la ho Boela: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Molula-Qhooa oa No 5—Bontša hore na u ka etsa’ng ha u se u khutletse ho motho eo u ileng oa mo fa Molula-Qhooa ebe u buella e ’ngoe ea lingoliloeng tseo re li sebelisang ho ithuta Bibele le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 34 ¶17—Mo memele libokeng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (8 mets.) Haeba li le sieo, buisanang ka hore na le ithutile’ng Bukeng ea Selemo. (yb17 64-65)
Seo Mokhatlo o se Finyeletseng: (7 mets.) Bapala video ea Seo Mokhatlo o se Finyeletseng ea September.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) kr khao. 17 ¶19-20, lebokose le ho maq. 188-191 le lebokose le ho leq. 187
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 11 le Thapelo