PHELA JOALOKA MOKRESTE
Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova Leha Maemo a Bophelo a Fetoha
Maemo a lefatše aa fetoha, haholo-holo mehleng ena ea bofelo. (1 Bakor. 7:31) Ebang maemo a fetoha ka tsela leha e le efe eo re neng re e lebeletse kapa re sa e lebella, ho fetoha ha ’ona ho ka re sitisa ho ba le kamano e ntle le Jehova. Ke’ng e tla re thusa ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova leha maemo a bophelo a fetoha? Shebella video ea Lula u E-na le Kamano e Ntle le Jehova leha Maemo a Fetoha, ebe u araba lipotso tsena:
Mora e mong oabo rona o ile a re’ng ha a eletsa mor’abo rona?
Mantsoe a hlahang Lengolong la Matheu 7:25 a ile a thusa lelapa lee joang boemong boo le neng le le ho bona?
Lelapa lee le ile la etsa’ng ho itokisa ho falla, hona ho etsa joalo ho ile ha le thusa joang?
Ke’ng e ileng ea ba thusa hore ba tloaele ho ba phuthehong e ncha le ho sebetsa tšimo sebakeng se secha?
Maemo a bophelo ba ka a ile a fetoha joang morao tjee?
Likeletso tse hlahileng videong ee li ka nthusa joang boemong boo ke leng ho bona?